Puso (Governance)

Baemedi ba lokileng (bababalli, baokamedi, balebedi) ba melemo ya thuso ya Modimo – Ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha Khomishene e Kgolo.

Ditlhaloso:

Puso e Lokileng e mabapi le tshebetso ya phihlello ya qeto e nang le sephetho le botshepehi ka ho fetisisa boo diqetso tsena di kenngwang tshebetso ka tsona.

Puso e Lokileng kerekeng e mabapi le mokgwa oo kereke jwalo ka setheo sa setjhaba e tsamaisang merero ya boinotshi le ya setjhaba le dithuso tsa yona.

Mareo a tshwanang:
• Boemedi
• Taolo e lokileng
• Botshepehi, ponaletso, ho kgona ho laola diphahlo tsa kereke, dithuso le nako
• Ho ba le mokgwa-tshebetso wa ho rala botshepehi bakeng sa mekgatlo yohle kerekeng
• Seahelo se nepahetseng sa taolo le tsamaiso

Mangolo a Bohlokwa:
• Diketso 6:3
• 1 Tim. 3:5
• Mateu. 2:14
• Marom. 12:8
• 1 Bakor. 12:28

Kutlwisiso ya Puso e Lokileng kerekeng e itshetlehile ho boikarabelo mephahamong yohle ya kereke ho emelana le ditlhoko tsa ditho tsa yona le dithuso tse fumanehang. Puso e Lokileng e thehilwe hodima boetapele bo sebetsang le dintlhatheo tsa boitshwaro bo botle. E lebiswa ho kgolo le ntshetsopele ya kereke mme kahoo e hoketswe ka ho ke keng ha arolwa le motheo wa boromuwa wa kereke.

Satane le sebe ka dinako tsohle ba sebetsa mabapi le ho hloka taolo le morusu. Dintho tsohle tse bopilweng ke Modimo di phela le ho sebetsa ka tshebedisano e phethahetseng le tekatekano le tsohle tse hlodilweng ke YENA – ho tloha ditshebetsong tse kgolo tsa dinaledi tsa mahodimo le lefatshe ho isa ho disele tse mmeleng wa motho. Bonneteng ba lefatshe la rona le sentsweng ka dinako tsohle Satane o tla leka ho jala morusu le ho se sebetse hantle esita le kerekeng. Ke ka lebaka leo batho ba bang ba inahanelang e le bona feela mme hangata ba ikarohanya le ditheo tse hlophisehileng tsa kereke moo ho hlokwang boikarabelo.

Taolo e lokileng kerekeng e dumela hore badumedi ha ba a phethahala mme ha se batho ba hlokang diphoso le hore ke molemong le polokehong ya bohle hore boikarabelo le botshepehi di behwe leihlo. Ntle le ho thibela batho le ntle le ho qhelela thoko diteko tse ntjha, puso e mabapi le bolebedi mehatong yohle kerekeng.

Puso e lokileng e mabapi le ho fumana moemedi wa batho ba Modimo le ditabatabelo tsa Hae. Ha motho a phela bophelo bo nang le bonnete le botshepehi ho Modimo le moahisani, motho a ka se tshabe ho ikarabela le ho bonaletsa. Bonneteng toka e amohela maemo a jwalo.

 PUSO

Spread the word...