Ruta, kwetlisa mme o hlomelle ditho tsa hao.
Tlhaloso:
“Ho hlomella bahalaledi (ditho) ho phethahatsa pitso ya bona le dimpho le ditalente tsa Bomodimo.”
Mareo a tshwanang:
• Ruta
• Hlomella
• Kwetlisa
• Supisa
• Tshepa+lokolla (lenqosa)
• Morupedi+motataisi
Mangolo a Bohlokwa:
• Baefese 4:11+12
• Mt. 28:19 (“…mme le ba rute …”)
• 2Tim. 2:2
Matlafatso ya ditho tsa rona e boletswe ka ho hlakileng jwalo ka karolo ya pono ya rona: “Re bona kereke e fihlellehang ho batho bohle, re thabela bonngwe ba rona le ho fapafapana hoo e leng mpho ya Modimo, re matlafatsa ditho tsa rona bakeng sa ho kgathalla baahi letlotlong la Modimo. Le leng la mabaka a matla a ditshebeletso/dikopano tsa rona tsa kereke tsa kgafetsa ke ho matlafatsa ditho tsa rona.
Matlafatso ke karolo ya tlhaho ya Khomishene e Kgolo: “Tsamayang ka hona mme le ba etse bapostola ba ditjhaba tsohle, le ba hlatswe ka lebitso la Ntate le la Mora le la Moya o Halalelang Go therefore and make disciples of all nations, baptizing them in the name of the Father and of the Son and of the Holy Spirit, le ba ruta ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mt. 28:19) Ho etsuwa ha baromuwa ho kenyeletsa matlafatso. Nakong ena moo tsebo ya motheo mabapi le dintlhatheo tsa Borena mme re le balatedi ba Kreste bolatedi bo fokola haholo ebile ha bo a teba, AFM e hloka ho hatella ho bohlokwa ba matlafatso.
Sengolwa sa bohlokwa mabapi le hona ke ho Baefese 4:11+12: “Mme o nehile ba bang, bapostola; le ba bang, baprofeta; le ba bang, baevangedi; le ba bang, baruti le dititjhere; Bakeng sa ho phethahatsa bahalaledi, bakeng sa mosebetsi wa boruti, bakeng sa ho tlotlisa mmele wa Kreste.” (Hape 1 Cor. 12: 27+28) Re amohela ditshebeletso tsena tsa boruti tse matlafatsang. Mosebetsi wa tsona o matla ke ho hlomella/matlafatsa bahalaledi bakeng sa mosebetsi wa bona boruting.
Ho bohlokwa ho aha tikoloho le tlwaelo moo ditho “tsa tlwaelo” di nkang maikarabelo a tsona jwalo
ka ditho “tsa nako tsohle” tsa mmele wa Kreste. E mong le e mong wa tsona o tlameha ho hlokomela hore ba bitsitswe ka ho lekanang ke Modimo mme o na le mpho e kgethehileng ya ho phethahatsa boruti ba bona. Ke ditho tsena tse phelang le tse sebetsang dimarakeng tsa rona tsa mehleng ena. Ba tlameha ho matlafatswa le ho laelwa hoba dipaki tsa Kreste haufi le hole. Sepheo le tekanyo ya rona ya boromuwa ya matlafatso ha se phoso.
Matlafatsong ya ditho tsa rona re tla sebetsa hantle ka ho fetisisa ka ho latela mokgwa wa Jesu wa ho matlafatsa barutuwa ba Hae. Pele o dutse le bona nako e itseng a ba ruta. Hona ha latelwa ke ho ba bontsha “mokgwa wa ho etsa”. Mme a tswela pele ho ba etsa karolo ya boromuwa – mohl. Katiso ya tlhapi le bohobe. Kgato e latelang e bile ho ba romela ho batho ho ruta e le bona. Ha ba hlolehile kapa ba entse diphoso, O ba neha ditokiso – mohl., letsatsi le meya e ditshila. Mona ke moo boikarabelo ba bohlokwa ba boeletsi bo sebetsang teng. Ha kwetliso ya bona e qetuwe, o ile a etsa bonnete ba ho tlatswa ke Moya o Halalelang pele a ba romela lefatsheng. (Luka 21:49) Jwale ba tshwanela ho pheta tshebetso ena ho basokolohi ba batjha. (Mt. 28:19 le 2Tim. 2:2)
Matlafatso e etsahala ka mekgwa e fapaneng le mephahamong e fapaneng. Re tlameha ho hopola ka dinako tsohle hore morero o matla wa matlafatso ke ho ruta barutuwa ba batjha, baemedi ba bapostola ba kgonang ho phetha Missio Dei – Thomo ya Modimo. Re tlameha ho tsamaela hole le moetlo wa kgale wa ho bona ditho jwalo ka batho feela le baruti ba “bitsitsweng”. Setho se seng le se seng se tlameha ho tseba hore le bona ba bitsitswe ke Modimo le hore e tla ba dipaki tsa Kreste ka bophelo le mosebetsi wa bona. Ka ho tshwanang ke karolo ka “nako tsohle” ya mmele wa Kreste.