1. Toka. Toka e mabapi le ho ba makgonthe le nnete. E mabapi le bowohle ba boitshwaro. Jwalo ka moetapele wa moya nna le wena re tshwanela pele re bontshe toka. Re ka se e rute ha re sa e phele. Boruti ba rona bo lokela ho e bontsha. Re tlameha “ho tsamaya puoo”. Modimo a ka etsa tse ngata bakeng motho ya se nang kgalalelo – empa bakeng sa moikaketsi Ha a etse letho. Ditshebetso tsa rona di tlameha ho ba tsa sebele. Maphelo a rona a tlameha e be a sebele. Badumedi ba ka hloleha ka mekgwa e mengata, empa ha toka e sekisetswa, ha ho letho le ka e lokisang.
2. Dikamano. Ntho e hoketsweng ka matla ho toka ke dikamano – dikamano tse tebileng tsa sebele. Re tswile ho nako e fetileng ya kgethollo ka botjhaba mme, ho ya ka dikgatello tsa botjhaba tse hlahang hape naheng ya rona, ho a hlokeha hore re matlafatse mme re hodise kopano ya rona eo re e fuweng ke Modimo. Dikamano tsa rona le ditho tsa lelapa, le basebetsi-mmoho le ditho tsa kereke di bohlokwa ka ho fetisisa. Ha ho kgonahale ho aha kereke e phelang ntle le dikamano tse tebileng. Ka kopo supisa hona o ho rute batho ba hao.
3. Boikarabelo. Ke na le bonnete ba hore o ka rata ho bona boleng bona ho ditho tsa hao. Empa hape, bo qala ka baetapele ba rona. Ha re batho ba ikemetseng ba se nang boikarabelo pakeng tsa rona. Jwalo ka badumedi pele re na le boikarabelo ho Modimo, empa nnete ke hore Bibele le yona e hlalosa boikarabelo ba rona pakeng tsa rona. Nakong eo boinotshi bo nkelwang hodimo, kerekeng boikarabelo ha bo buellwe. Ho iphapanya hona, ho lebisa phedisong ya bowena. Re tlameha ho utlwisisa taolo ka nepo. Modimo o behile diahelo tsa taolo ho lenyalo, lelapa, kereke le mmuso. Motho e mong le e mong o tlamehwa ho behwa taolong ke motho e mong sebakeng se itseng. Hape, o ka se be le taolo ha o se tlasa taolo.
4. Phethahalo. Na re dumela hore ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang re tlameha ho e etsa jwala ka ha re etsetsa Morena? Na bophelo ba rona ba boinotshi le boruting ba rona di paka hona? Jwalo ka baetapele re na le boikarabelo bo feletseng bakeng sa botlehadi kerekeng le ditshebetsong tsa rona. Ke bokgabane boo re hlokang ho bo ruta le ho bo supisa batho ba rona. Bofutsana ha se boitshireletso ba boosiyo ba phethahalo. Phethahalo e tlameha ho ba boikemisetso ba rona le kemo. Ho ba mahareng ha ho a lekana ka ho kgodisang.