E ba molatedi wa Kreste –Etsa baletedi ba Kreste.
Mareo a tshwanang:
▪ Molatedi, moithuti, morutwana, mokwetliswa.
▪ E ba mohlala wa molatedi wa Kreste wa nnete.
▪ Ruta ditho ho latela Jesu mme ba Tshwane le ho feta le Jesu.
▪ Hlahisa boitshwaro ba Bokreste ho ditho tsohle.
Ditlhaloso tse kgutshwane:
“Borotuwa bo bolela tshebetso ya nako yohle ya bophelo ya ho ithuta ho iketsahallang le ho nang le sepheo, ho hola le ntshetsopele nakong eo modumedi, ka ho sebetsa ha Moya o Halalelang, ka ho eketsehileng le ka nnete a bontsha ho feta le ho feta Jesu Kreste bophelong ba hae.”
“Molatedi wa botho wa Jesu Kreste nakong ya bophelo ba hae.”
Mangolo a Bohlokwa:
▪ Mateu 28:19
▪ 1 Bakor. 11:1
▪ Gal. 4:19
▪ Diketso 1:8
▪ 2 Bakor 3:18
▪ Gal. 5:22
Borutuwa bo hoketse ka mokgwa o ke keng wa arohanngwa ho Khomishene e Kgolo mme kahoo bo bohlokwa haholo jwalo ka tjhadimo ya mano Moralong wa rona wa Tshebetso e le Ngwe ya AFM . Etsang hore mantswe a Jesu a utlwahale hape ditsebeng tsa rona: “Tsamayang ke hona mme le etse barutuwa ba ditjhaba tsohle…” (Mateu 28:19) Khomishene e Kgolo e tswela pele ho feta ho ruta Evangedi le ho sokolla basokolohi. Basokolohi bao ba tlameha ho ba barutuwa. Ho seng jwalo, ha re a phetha ka nepo khomishene ya Jesu.
Ho ba kereke ya nnete ya boromuwa ho dupa ho ba barutuwa ba nnete, jwalo ka ditho tsa kereke tseo e leng barutuwa ba nnete ho bolelang kereke ya boromuwa. E nngwe e ka se be teng ntle le e nngwe.
Motho o tshwanela ho ba morutuwa ka boyena hore a kgone ho etsa barutuwa. (1 Bakor. 11:1) Hona ho bolela hore motho o amohetse Jesu jwalo ka Morena le Mopholosi. Ba bangata ba babatsang Jesu jwalo ka mohlala o phahameng le tlhahiso e tononanahadi ya phethahalo ya botho (ho etsa mohlala. Mohandas Ghanddi), empa o ka ba morotuwa feela wa Jesu ha Yena e bile Mopholosi/Molopolli. Ho ba morotuwa ho qala ka topollo.
Boleng ba ho ruta borutuwa ke ho amohela boleng le maikutlo a Jesu, ka mantswe a mang, ke ho bopa ka ho iketsahalla setshwantsho sa Hae – lerato la Hae le matla a Hae. (Gal. 4:19)
Borutuwa bo bolela ho nehelana ka matla. Hape ke lebaka la hore keng ha basokolohi ba batjha ba hloka ka matla ho hlatsuwa ho Moya o Halalelang. (Diketso 1:8) Borutuwa bo bolela ho nehelana ka matla. Hape ke lebaka la hore keng ha basokolohi ba batjha ba hloka ka matla ho hlatsuwa ho Moya o Halalelang. (2 Bakor. 3:18) Hona ke karolo ya tholwana ya Moya. (Gal. 5:22)
Ho hloleha ha rona ho hlahisa barutuwa ba nnete ba Kreste, e ka ba kgaello e le nngwe e matla ya kereke mme e be lebaka la hore keng ha naha e nang le mephahamo e hodimo ya Bakriste e tsamaya pele ho dimpe tsa botho le ho hloka toka – ho sa tsotellwe ho ba le pesente e hodimo jwalo ya Bakreste. Ho na le Bakriste ba bangata ka lebitso empa ba mmalwa haholo barutuwa ba Kreste.
Kereke le baruti ba yona e ka se pholosi batho – ke Modimo feela ya ka etsang hoo. Leha ho le jwalo re ronngwe ke Modimo ho hlahisa barutuwa, balatedi ba botho ba Kreste le ho ba tataisa ho sutsa. (Baefese 4:12). Hona ho etsahala ka ho rera le ho ruta, ka mohlala wa bophelo wa baetapele, ka ho ba mohlala le ho tataisa ho etsahalang kamanong ya nnete le ya sebele. Ho hlahisa barutuwa ba Jesu ke phephetso e kgolo – ho tloha diphuthehong tsa rona tse nyane ka ho fetisisa ho lebisa dikerekeng tsa rona tse kgolo ka ho fetisisa.