Amohela hore ha re kereke, empa re karolo ya kereke – Nahana ka Mmuso. (E tswa lentsweng la Sekerike oikoumene, le bolelang hore “lefatshe lohle leo ho phelwang ho lona”)
Mareo a tshwanang:
• E amohelang bohle
• E fupereng bohle
• E sa amaneng le bodumedi
• Ya ditjhaba tsohle
Tlhaloso:
Bonngwe ba ditumelo tsohle bo mabapi le tsebo, kamohelo, tlhompho le tshebedisano ya mmele wa Kreste.
Bonngwe ba ditumelo tsohle bo lebisa ho maiteko a Bakreste ba dikereke tse fapaneng ka meetlo ho theha dikamano tse atamelaneng le ho utlwisisana haholwanyane. Hape e ka sebediwa ho diketso tsa boithaopo dife le dife tsa matjhaba tse kgothaletsang tshebedisano e eketsehileng hara Bakreste.
Mangolo a Bohlokwa:
• Johana 17:20+21
• Baefese. 4:3
• Luka 9:50
• Ditshenolo. 5:9
Mokgatlo wa Bopentakonta ha o ka wa amohelwa ka mosa ke dikereke tsa setlwaedi dilemong tsa wona tse leshome tsa pele tsa boteng ba wona maqalong a ngwaha-kgolo wa 20. Sephetho e bile sa hore dikamano tsa bonngwe ba ditumelo le tsona di ile tsa hlotsa. Leha ho le jwalo, nakong ya dilemo tse mashome-shome tse fetileng tlhokomelo e kgolo ya Bopentakonta e ile ya ata lelapeng le leholo la Modimo. Mokgatlo wa Bibele (Bible Society) le Ditshebeletso tsa Baruti ka mekgwa e mengata di ile tsa bula tsela.
Re kgothatsa toka dikamanong tsa rona le dikereke tse ding. Mmele o batsi wa Kreste o hloka ho hlontjhwa. Bonneting ha re KEREKE ya Jesu Kreste empa karolo ya Kereke ya Hae. Thapelo ya Jesu ho Johanna 17:20+21 e ka se nkuwe ha bobebe: “Ha ke rapelle bana feela, empa esita le bona ba tla dumela ho nna ka lentswe la bona; Hore bohle ba kopane ba be ntho e le nngwe; jwalo ka wena, Ntate, o le ho nna, mme le nna ke le ho wena, hore le bona ba be ntho e le nngwe ho rona: hore lefatshe le kgolwe hore o nthomme.”
Re kgothatsa baruti le ditho tsa AFM ho se ikgetholle empa ba nahane ka Mmuso wa Modimo. Ho beha Mmuso wa Modimo pele ha ho bolele hore o se ke wa tshepahala tumelong ya hao. Ho bohlokwa ho feta ho hodisa phutheho ya ka, ke ho bona hore Mmuso wa Modimo o a hola. Mmuso wa Modimo ha o fumane molemo ha ditho tsa kereke di falla ho tloha kerekeng e nngwe ho ya ho e nngwe.
Bophahamong ba matjhaba le ba naha, AFM e na le seabo mekgatlong e sehlopha ya bonngwe ba ditumelo. Re lakatsa hore hona ho etsahale le mephahamong e meng. Nakong eo baruti ba rona ba na le kabelo ho boena ba baruti, re kgothatsa baruti ba rona le ditho ho ba le seabo ho kopana le badumedi ba bang haholo kamoo ho kgonahalang. Diketso tse ngata tsa kahisano bophahamong ba lehae di tla ba le sephetho se matla ha dikere di sebetsa mmoho. Diketsahalo tse ding tsa almanaka ya tumelo (mohl., Letsatsi la Nyolohelo le la Keresemese) le ka ketekwa mmoho. Ka ho tshwanang le ditshebeletso tsa motse.
Ha ho phutheho e le nngwe e ka hapang toropo kapa motse-moholo wa yona bakeng sa Modimo e le inotshi ka boyona. Ka motheo wa rona wa boromuwa kelellong, re tlameha ho nahana mantswe a Jesu: “Mme Jesu a re ho yena, o se ke wa mo thiba: hobane eo ya seng kgahlanong le rona o na le rona.” (Luka 9:50) re tlola ntlhatheo ya motheo ya boromuwa ha dikereke di lwantshana. Re ka se be kereke ya boromuwa ya nnete nakong eo re sa kgathalle mmele o moholo wa Kreste.
Re karolo ya leloko moo diphapang tsa melao ya kereke di sa hlole e ba tsa bohlokwa. Dikamano di nkuwa di le bohlokwa haholo. Ho a thabisa ha dikamano le moya wa bonngwe o rena pakeng tsa baetapele ba phutheho le ba dikereke tsa lehae – “Hore lefatshe le kgone ho dumela…” (Johana 17:21)