Puso (Governance)

Baemedi ba lokileng (bababalli, baokamedi, balebedi) ba melemo ya thuso ya Modimo – Ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha Khomishene e Kgolo.

Ditlhaloso:

Puso e Lokileng e mabapi le tshebetso ya phihlello ya qeto e nang le sephetho le botshepehi ka ho fetisisa boo diqetso tsena di kenngwang tshebetso ka tsona.

Puso e Lokileng kerekeng e mabapi le mokgwa oo kereke jwalo ka setheo sa setjhaba e tsamaisang merero ya boinotshi le ya setjhaba le dithuso tsa yona.

Mareo a tshwanang:
• Boemedi
• Taolo e lokileng
• Botshepehi, ponaletso, ho kgona ho laola diphahlo tsa kereke, dithuso le nako
• Ho ba le mokgwa-tshebetso wa ho rala botshepehi bakeng sa mekgatlo yohle kerekeng
• Seahelo se nepahetseng sa taolo le tsamaiso

Mangolo a Bohlokwa:
• Diketso 6:3
• 1 Tim. 3:5
• Mateu. 2:14
• Marom. 12:8
• 1 Bakor. 12:28

Kutlwisiso ya Puso e Lokileng kerekeng e itshetlehile ho boikarabelo mephahamong yohle ya kereke ho emelana le ditlhoko tsa ditho tsa yona le dithuso tse fumanehang. Puso e Lokileng e thehilwe hodima boetapele bo sebetsang le dintlhatheo tsa boitshwaro bo botle. E lebiswa ho kgolo le ntshetsopele ya kereke mme kahoo e hoketswe ka ho ke keng ha arolwa le motheo wa boromuwa wa kereke.

Satane le sebe ka dinako tsohle ba sebetsa mabapi le ho hloka taolo le morusu. Dintho tsohle tse bopilweng ke Modimo di phela le ho sebetsa ka tshebedisano e phethahetseng le tekatekano le tsohle tse hlodilweng ke YENA – ho tloha ditshebetsong tse kgolo tsa dinaledi tsa mahodimo le lefatshe ho isa ho disele tse mmeleng wa motho. Bonneteng ba lefatshe la rona le sentsweng ka dinako tsohle Satane o tla leka ho jala morusu le ho se sebetse hantle esita le kerekeng. Ke ka lebaka leo batho ba bang ba inahanelang e le bona feela mme hangata ba ikarohanya le ditheo tse hlophisehileng tsa kereke moo ho hlokwang boikarabelo.

Taolo e lokileng kerekeng e dumela hore badumedi ha ba a phethahala mme ha se batho ba hlokang diphoso le hore ke molemong le polokehong ya bohle hore boikarabelo le botshepehi di behwe leihlo. Ntle le ho thibela batho le ntle le ho qhelela thoko diteko tse ntjha, puso e mabapi le bolebedi mehatong yohle kerekeng.

Puso e lokileng e mabapi le ho fumana moemedi wa batho ba Modimo le ditabatabelo tsa Hae. Ha motho a phela bophelo bo nang le bonnete le botshepehi ho Modimo le moahisani, motho a ka se tshabe ho ikarabela le ho bonaletsa. Bonneteng toka e amohela maemo a jwalo.

 PUSO

Seabo Setjhabeng (Community Involvement)

Kereke e ba le kabelo ho diphephetso tsa phutheho ya lehae.

Tlhaloso:

“Ho tshwanelaha” ho rona, ho bolela ho etsa ntho e nepahetseng ho ya ka ditheo tsa Bibele.

“Ho nepahala ha Moruo wa Bodulo” ho lebisa ho kabelo ya rona ya Bokreste ka mmele, moruo le kamano maemong ao batho le phutheho ya rona e iphumanang e le ho ona.

Mareo a tshwanang:
• Thusa ba bang ho fihlella ditlhoko tsa bona
• Ho kenya letsoho ho batho ba hlokang
• Ho etsa ho molemo ho ba bang
• Phahamiso
• Ho etsa phapang bophelong ba tsatsi le leng le le leng la batho
• Ho sebeletsa motho ka botlalo

Tlhaloso e Kgutshwane:
Jwalo ka kereke re phamahamisa nnete le toka setjhabeng le ho ba le kabelo e mafolofolo ho foleng le ho busetsa madulong diphutheho tsa rona.

Mangolo a Bohlokwa:
• Isaia 58:6-8
• Mateu. 10:8
• Mateu. 25:35
• Luka 4:18
• Luka 14:13+14
• Jakobo 1:27

Ho kenakena ha rona ho baahi ba rona ho bohlokwa haholo. Ho tloha tlalehong ya rona ya setatemente sa pono: “Re bona kereke e fihlellehang ho batho bohle, e thabelang bonngwe ba rona le ho fapafapana hoo re ho fuweng ke Modimo, ho matlafatsa ditho tsa rona bakeng sa tlhokomelo le diphetoho tsa baahi rona letlotlong la Modimo.”

Kgothatso ya rona e matla ka ho fetisisa ke ho ba tlhohonolofatso ho baahi ba rona e seng feela ho tsa botho kapa lerato la setjhaba, empa leratong la Modimo. Hopola hore Modimo o rometse Mora wa Hae – e seng bakeng sa kereke empa bakeng sa lefatshe. O sebedisa kereke ho ba sesebediswa sa hae ho ama lefatshe, baahi ba rona.

Nakong eo pitso ya rona ya boromuwa e le motheo wa “The One AFM Game Plan”, ho tshwaneleha ha rona ha moruo wa bodulo ke senotlolo sa phethahatso ya rona ya pitso ya boromuwa. Tekanyetso eo re amang baahi ba rona e tla balla katleho ya boromuwa ba rona. Sefutho sa rona diphuthehong tsa rona se ka lekanngwa ka mantswe a tummeng a reng: “Na phutheho ya hao e tla utlwa bosiyo ba hao ha kereke ya hao e kwalwa?”

Re phela le ho sebetsa ho baahi ba anngweng hampe ke Ya Kgohlahetseng. Karolo e kgolo ya baahi ba Afrika Borwa e a sotlehe ka lebaka la maemo a matla a moruo wa bodulo. Le afe mabaka a histori kapa a jwale bakeng sa boemo bona, kereke e ka se eme ka thoko mme e shebe feela boikarabelo ba mmuso kapa mekgatlo ya botho. Ha re ka thusa mme re hlophise hore batho ba ithuse, re fihlelletse ntho e babatsehang. Kereke di tlameha ho thusa batho ba jwalo ka tlhokomelo, matlafatso le ho abelana.

Ho itshunya ha rona mererong ya moruo wa bodulo re tlameha ho hlokomela leha ho le jwalo kgahlanong le tlwaelo ya batho bakeng sa ho tshepela. Hona ho fetoha kelellong ho ba tlameho – kemo e seng e le tlwaelo Afrika Borwa. Re hloka ho matlafatsa batho ho ba le boikarabelo ba bokamoso ba bona. Ha re ka thusa batho kwetlisong e molemo le tlhahisong ya mesebetse, re ka sebetsa hantle.

Bonneteng ho na le dikereke tsa lehae tse sehlotshwana sa dikereke tsa lehae tseo a mabapi le hona di nang le dipale tsa katleho makatsang tsa ho phetwa.

 

 SEABO SETJHABENG

Matlafatso (Empowerment)

Ruta, kwetlisa mme o hlomelle ditho tsa hao.

Tlhaloso:
“Ho hlomella bahalaledi (ditho) ho phethahatsa pitso ya bona le dimpho le ditalente tsa Bomodimo.”

Mareo a tshwanang:
• Ruta
• Hlomella
• Kwetlisa
• Supisa
• Tshepa+lokolla (lenqosa)
• Morupedi+motataisi

Mangolo a Bohlokwa:
• Baefese 4:11+12
• Mt. 28:19 (“…mme le ba rute …”)
• 2Tim. 2:2

Matlafatso ya ditho tsa rona e boletswe ka ho hlakileng jwalo ka karolo ya pono ya rona: “Re bona kereke e fihlellehang ho batho bohle, re thabela bonngwe ba rona le ho fapafapana hoo e leng mpho ya Modimo, re matlafatsa ditho tsa rona bakeng sa ho kgathalla baahi letlotlong la Modimo. Le leng la mabaka a matla a ditshebeletso/dikopano tsa rona tsa kereke tsa kgafetsa ke ho matlafatsa ditho tsa rona.

Matlafatso ke karolo ya tlhaho ya Khomishene e Kgolo: “Tsamayang ka hona mme le ba etse bapostola ba ditjhaba tsohle, le ba hlatswe ka lebitso la Ntate le la Mora le la Moya o Halalelang Go therefore and make disciples of all nations, baptizing them in the name of the Father and of the Son and of the Holy Spirit, le ba ruta ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mt. 28:19) Ho etsuwa ha baromuwa ho kenyeletsa matlafatso. Nakong ena moo tsebo ya motheo mabapi le dintlhatheo tsa Borena mme re le balatedi ba Kreste bolatedi bo fokola haholo ebile ha bo a teba, AFM e hloka ho hatella ho bohlokwa ba matlafatso.

Sengolwa sa bohlokwa mabapi le hona ke ho Baefese 4:11+12: “Mme o nehile ba bang, bapostola; le ba bang, baprofeta; le ba bang, baevangedi; le ba bang, baruti le dititjhere; Bakeng sa ho phethahatsa bahalaledi, bakeng sa mosebetsi wa boruti, bakeng sa ho tlotlisa mmele wa Kreste.” (Hape 1 Cor. 12: 27+28) Re amohela ditshebeletso tsena tsa boruti tse matlafatsang. Mosebetsi wa tsona o matla ke ho hlomella/matlafatsa bahalaledi bakeng sa mosebetsi wa bona boruting.

Ho bohlokwa ho aha tikoloho le tlwaelo moo ditho “tsa tlwaelo” di nkang maikarabelo a tsona jwalo
ka ditho “tsa nako tsohle” tsa mmele wa Kreste. E mong le e mong wa tsona o tlameha ho hlokomela hore ba bitsitswe ka ho lekanang ke Modimo mme o na le mpho e kgethehileng ya ho phethahatsa boruti ba bona. Ke ditho tsena tse phelang le tse sebetsang dimarakeng tsa rona tsa mehleng ena. Ba tlameha ho matlafatswa le ho laelwa hoba dipaki tsa Kreste haufi le hole. Sepheo le tekanyo ya rona ya boromuwa ya matlafatso ha se phoso.

Matlafatsong ya ditho tsa rona re tla sebetsa hantle ka ho fetisisa ka ho latela mokgwa wa Jesu wa ho matlafatsa barutuwa ba Hae. Pele o dutse le bona nako e itseng a ba ruta. Hona ha latelwa ke ho ba bontsha “mokgwa wa ho etsa”. Mme a tswela pele ho ba etsa karolo ya boromuwa – mohl. Katiso ya tlhapi le bohobe. Kgato e latelang e bile ho ba romela ho batho ho ruta e le bona. Ha ba hlolehile kapa ba entse diphoso, O ba neha ditokiso – mohl., letsatsi le meya e ditshila. Mona ke moo boikarabelo ba bohlokwa ba boeletsi bo sebetsang teng. Ha kwetliso ya bona e qetuwe, o ile a etsa bonnete ba ho tlatswa ke Moya o Halalelang pele a ba romela lefatsheng. (Luka 21:49) Jwale ba tshwanela ho pheta tshebetso ena ho basokolohi ba batjha. (Mt. 28:19 le 2Tim. 2:2)

Matlafatso e etsahala ka mekgwa e fapaneng le mephahamong e fapaneng. Re tlameha ho hopola ka dinako tsohle hore morero o matla wa matlafatso ke ho ruta barutuwa ba batjha, baemedi ba bapostola ba kgonang ho phetha Missio Dei – Thomo ya Modimo. Re tlameha ho tsamaela hole le moetlo wa kgale wa ho bona ditho jwalo ka batho feela le baruti ba “bitsitsweng”. Setho se seng le se seng se tlameha ho tseba hore le bona ba bitsitswe ke Modimo le hore e tla ba dipaki tsa Kreste ka bophelo le mosebetsi wa bona. Ka ho tshwanang ke karolo ka “nako tsohle” ya mmele wa Kreste.

 

 MATLAFATSO

Bonngwe ba Ditumelo Tsohle (Ecumenical Involvement)

Amohela hore ha re kereke, empa re karolo ya kereke – Nahana ka Mmuso. (E tswa lentsweng la Sekerike oikoumene, le bolelang hore “lefatshe lohle leo ho phelwang ho lona”)

Mareo a tshwanang:
• E amohelang bohle
• E fupereng bohle
• E sa amaneng le bodumedi
• Ya ditjhaba tsohle

Tlhaloso:

Bonngwe ba ditumelo tsohle bo mabapi le tsebo, kamohelo, tlhompho le tshebedisano ya mmele wa Kreste.

Bonngwe ba ditumelo tsohle bo lebisa ho maiteko a Bakreste ba dikereke tse fapaneng ka meetlo ho theha dikamano tse atamelaneng le ho utlwisisana haholwanyane. Hape e ka sebediwa ho diketso tsa boithaopo dife le dife tsa matjhaba tse kgothaletsang tshebedisano e eketsehileng hara Bakreste.

Mangolo a Bohlokwa:
• Johana 17:20+21
• Baefese. 4:3
• Luka 9:50
• Ditshenolo. 5:9

Mokgatlo wa Bopentakonta ha o ka wa amohelwa ka mosa ke dikereke tsa setlwaedi dilemong tsa wona tse leshome tsa pele tsa boteng ba wona maqalong a ngwaha-kgolo wa 20. Sephetho e bile sa hore dikamano tsa bonngwe ba ditumelo le tsona di ile tsa hlotsa. Leha ho le jwalo, nakong ya dilemo tse mashome-shome tse fetileng tlhokomelo e kgolo ya Bopentakonta e ile ya ata lelapeng le leholo la Modimo. Mokgatlo wa Bibele (Bible Society) le Ditshebeletso tsa Baruti ka mekgwa e mengata di ile tsa bula tsela.

Re kgothatsa toka dikamanong tsa rona le dikereke tse ding. Mmele o batsi wa Kreste o hloka ho hlontjhwa. Bonneting ha re KEREKE ya Jesu Kreste empa karolo ya Kereke ya Hae. Thapelo ya Jesu ho Johanna 17:20+21 e ka se nkuwe ha bobebe: “Ha ke rapelle bana feela, empa esita le bona ba tla dumela ho nna ka lentswe la bona; Hore bohle ba kopane ba be ntho e le nngwe; jwalo ka wena, Ntate, o le ho nna, mme le nna ke le ho wena, hore le bona ba be ntho e le nngwe ho rona: hore lefatshe le kgolwe hore o nthomme.”

Re kgothatsa baruti le ditho tsa AFM ho se ikgetholle empa ba nahane ka Mmuso wa Modimo. Ho beha Mmuso wa Modimo pele ha ho bolele hore o se ke wa tshepahala tumelong ya hao. Ho bohlokwa ho feta ho hodisa phutheho ya ka, ke ho bona hore Mmuso wa Modimo o a hola. Mmuso wa Modimo ha o fumane molemo ha ditho tsa kereke di falla ho tloha kerekeng e nngwe ho ya ho e nngwe.

Bophahamong ba matjhaba le ba naha, AFM e na le seabo mekgatlong e sehlopha ya bonngwe ba ditumelo. Re lakatsa hore hona ho etsahale le mephahamong e meng. Nakong eo baruti ba rona ba na le kabelo ho boena ba baruti, re kgothatsa baruti ba rona le ditho ho ba le seabo ho kopana le badumedi ba bang haholo kamoo ho kgonahalang. Diketso tse ngata tsa kahisano bophahamong ba lehae di tla ba le sephetho se matla ha dikere di sebetsa mmoho. Diketsahalo tse ding tsa almanaka ya tumelo (mohl., Letsatsi la Nyolohelo le la Keresemese) le ka ketekwa mmoho. Ka ho tshwanang le ditshebeletso tsa motse.

Ha ho phutheho e le nngwe e ka hapang toropo kapa motse-moholo wa yona bakeng sa Modimo e le inotshi ka boyona. Ka motheo wa rona wa boromuwa kelellong, re tlameha ho nahana mantswe a Jesu: “Mme Jesu a re ho yena, o se ke wa mo thiba: hobane eo ya seng kgahlanong le rona o na le rona.” (Luka 9:50) re tlola ntlhatheo ya motheo ya boromuwa ha dikereke di lwantshana. Re ka se be kereke ya boromuwa ya nnete nakong eo re sa kgathalle mmele o moholo wa Kreste.

Re karolo ya leloko moo diphapang tsa melao ya kereke di sa hlole e ba tsa bohlokwa. Dikamano di nkuwa di le bohlokwa haholo. Ho a thabisa ha dikamano le moya wa bonngwe o rena pakeng tsa baetapele ba phutheho le ba dikereke tsa lehae – “Hore lefatshe le kgone ho dumela…” (Johana 17:21)

 BONNGWE BA DITUMELO TSOHLE

Borutuwa (Discipleship)

E ba molatedi wa Kreste –Etsa baletedi ba Kreste.

Mareo a tshwanang:
▪ Molatedi, moithuti, morutwana, mokwetliswa.
▪ E ba mohlala wa molatedi wa Kreste wa nnete.
▪ Ruta ditho ho latela Jesu mme ba Tshwane le ho feta le Jesu.
▪ Hlahisa boitshwaro ba Bokreste ho ditho tsohle.

Ditlhaloso tse kgutshwane:

“Borotuwa bo bolela tshebetso ya nako yohle ya bophelo ya ho ithuta ho iketsahallang le ho nang le sepheo, ho hola le ntshetsopele nakong eo modumedi, ka ho sebetsa ha Moya o Halalelang, ka ho eketsehileng le ka nnete a bontsha ho feta le ho feta Jesu Kreste bophelong ba hae.”

“Molatedi wa botho wa Jesu Kreste nakong ya bophelo ba hae.”

Mangolo a Bohlokwa:
▪ Mateu 28:19
▪ 1 Bakor. 11:1
▪ Gal. 4:19
▪ Diketso 1:8
▪ 2 Bakor 3:18
▪ Gal. 5:22

Borutuwa bo hoketse ka mokgwa o ke keng wa arohanngwa ho Khomishene e Kgolo mme kahoo bo bohlokwa haholo jwalo ka tjhadimo ya mano Moralong wa rona wa Tshebetso e le Ngwe ya AFM . Etsang hore mantswe a Jesu a utlwahale hape ditsebeng tsa rona: “Tsamayang ke hona mme le etse barutuwa ba ditjhaba tsohle…” (Mateu 28:19) Khomishene e Kgolo e tswela pele ho feta ho ruta Evangedi le ho sokolla basokolohi. Basokolohi bao ba tlameha ho ba barutuwa. Ho seng jwalo, ha re a phetha ka nepo khomishene ya Jesu.

Ho ba kereke ya nnete ya boromuwa ho dupa ho ba barutuwa ba nnete, jwalo ka ditho tsa kereke tseo e leng barutuwa ba nnete ho bolelang kereke ya boromuwa. E nngwe e ka se be teng ntle le e nngwe.

Motho o tshwanela ho ba morutuwa ka boyena hore a kgone ho etsa barutuwa. (1 Bakor. 11:1) Hona ho bolela hore motho o amohetse Jesu jwalo ka Morena le Mopholosi. Ba bangata ba babatsang Jesu jwalo ka mohlala o phahameng le tlhahiso e tononanahadi ya phethahalo ya botho (ho etsa mohlala. Mohandas Ghanddi), empa o ka ba morotuwa feela wa Jesu ha Yena e bile Mopholosi/Molopolli. Ho ba morotuwa ho qala ka topollo.

Boleng ba ho ruta borutuwa ke ho amohela boleng le maikutlo a Jesu, ka mantswe a mang, ke ho bopa ka ho iketsahalla setshwantsho sa Hae – lerato la Hae le matla a Hae. (Gal. 4:19)

Borutuwa bo bolela ho nehelana ka matla. Hape ke lebaka la hore keng ha basokolohi ba batjha ba hloka ka matla ho hlatsuwa ho Moya o Halalelang. (Diketso 1:8) Borutuwa bo bolela ho nehelana ka matla. Hape ke lebaka la hore keng ha basokolohi ba batjha ba hloka ka matla ho hlatsuwa ho Moya o Halalelang. (2 Bakor. 3:18) Hona ke karolo ya tholwana ya Moya. (Gal. 5:22)

Ho hloleha ha rona ho hlahisa barutuwa ba nnete ba Kreste, e ka ba kgaello e le nngwe e matla ya kereke mme e be lebaka la hore keng ha naha e nang le mephahamo e hodimo ya Bakriste e tsamaya pele ho dimpe tsa botho le ho hloka toka – ho sa tsotellwe ho ba le pesente e hodimo jwalo ya Bakreste. Ho na le Bakriste ba bangata ka lebitso empa ba mmalwa haholo barutuwa ba Kreste.

Kereke le baruti ba yona e ka se pholosi batho – ke Modimo feela ya ka etsang hoo. Leha ho le jwalo re ronngwe ke Modimo ho hlahisa barutuwa, balatedi ba botho ba Kreste le ho ba tataisa ho sutsa. (Baefese 4:12). Hona ho etsahala ka ho rera le ho ruta, ka mohlala wa bophelo wa baetapele, ka ho ba mohlala le ho tataisa ho etsahalang kamanong ya nnete le ya sebele. Ho hlahisa barutuwa ba Jesu ke phephetso e kgolo – ho tloha diphuthehong tsa rona tse nyane ka ho fetisisa ho lebisa dikerekeng tsa rona tse kgolo ka ho fetisisa.

 BORUTUWA

 

Boromuwa (Missional)

KE ENG BOROMUWA?

Jwalo ka molatedi wa Kreste, Mo bontshe hohle!
Setho se seng le se seng sa AFM se a mengwa ho ba paki ya Kreste!

Ditlhaloso tse tshwanang:
▪ “E ba” kereke le ka nqane ho “moaho wa kereke”.
▪ Ditho di mengwa ho ba dipaki tsa Kreste.
▪ Ditho di mengwa ho emela Kreste ka mafolofolo metseng ya tsona.
▪ Ditho di lemoha ka botlalo hore ke baetsetsi ba Mmuso.

Tlhaloso:
“Kereke ya boromuwa ke kereke moo ditho tsohle di nahanang hore ke ditho tse sebetsang tsa mmele wa Kreste, tse menngweng mme tse rometsweng ke Modimo ho ba lesedi le letswai hohle moo di fihlang teng.”

Mangolo a Bohlokwa:
▪ Mateu 28:19
▪ Mareka 16:15
▪ JOHANE 20:21
▪ Diketso 1:8

Lereo YA BOROMUWA ke lentswe a new word but ho bohlokwa ho utlwisisa moelelo wa nnete jwaloka ha hona e se feela e nngwe ya ditjhadimo tsa moralo tsa AFM, ke motheo oo moralo wa rona wa tjhadimo o ahilweng ho wona. Ke lebaka la boteng ba rona, ke DNA ya kereke ya rona le sepheo sa rona sa phetho ya pholoho. Ebile e ile ya setwa/falwa lebitsong la rona.

Re hloka ho etsa tshibollo-botjha le nyalanyo-botjha ho Khomishene e Kgolo ya Morena wa Rona Jesu Kreste: Mt 28:19: “Tsamayang le ye lefatsheng lohle mme le phatlalatse evangedi ho tlhaho yohle ” Luka-Diketso 1:8:”Empa le tla fumana matla ha Moya o Halalelang ho fihlile hodima long, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema le hohle Judea le Samaria, le ho isa mafelong a lefatshe.” JOHANE 20:21: “Jwalo kaha ntate a nthomile, kahoo le nna ke a le roma.” Diketso 1:8: “Empa le tla fumana matla ha Moya o Halaleng o theohetse ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema le hohle Judea le Samaria, le ho isa mafelong a lefatshe.”

Ho ba kereke ya boromuwa, dinnete tse tharo di hloka ho tiiswa:

1 Modimo ka nnete ke Moromuwa e Moholo. Ke “Moromi” wa pela mme hape “ke Moronngwa wa Pele ” – “Hobane Modimo o ratile lefatsho ho a bileng, a Nehela…” (Johane 3:16) Lereo la thutamodimo ke: Missio Dei – Boromuwa ba Modimo. Ena ke kakaretso le paloyohle ya mosebetsi wa pholoso wa Modimo. Ntate o rometse Mora wa Hae; Ntate le Mora ba rometse Moya o Halalelang; Ntate, Mora le Moya o Halalelang ba rometse kereke. Evangeding ya Johane feela, makgetlo a batlang a le mashome a mane re bala mabapi le ho ronngwa ha Jesu. Ho Johane 20:21 Jesu o ipona e se feela ya ronngweng empa hape jwalo ka moromi: “Jwalo ka ha Ntate a thomile, ke roma wena”. Ho bohlokwa hore rona, kereke, re tshwanela ho ipona – ka bonngwe le ka kopanelo – jwalo ka ba ronngweng ke Modimo wa Boromuwa. Ho bohlokwa ho hlokomela hore Khomishene e Kgolo ya Jesu e ne e sa nehwa ba mmalwa ba kgethilweng, ho komiti ka;a ba itseng ba “nahanang ka boromuwa” batho ba kerekeng, empa ho sehlopha sohle sa badumedi – ha ho modumedi ya qheletsweng ka thoko!

2 – Kereke ya Boromuwa kgahlanong le kereke ya “kgohelo”. (Mmatli wa Kameho) Tshebeletso ya kereke ha e a lebellwa ho ba ntlha e matla ya kgokahano le bao ba kantle ho kereke – haholoholo maemong a ka morao ho Bokreste – jwalo ka maemong a pele ho Bokreste. Kgabareng ha ho letho le phoso ka ho hohela batho kerekeng, boromuwa ba kereke bo itshetlehile haholo mabapi le ho romela batho ba kerekeng hara batho ba lefatshe, ho ena le ho fumana batho ba lefatshe hara batho ba kereke. Phephetso ya yona e matla ha se ho fumana batho ba eketsehileng kerekeng (moahong), empa ho fumana kereke e ketsehileng hara batho ba lefatshe. Sebaka sa mmaraka ho ena le tshebeletso ya kereke se ba ntlha ya bohlokwa ya ho iteanya le basa fumanang pholoso. Katamelo ya rona ya “tlo o tlo bona” e tlameha ho fetoha ho ba “tsamaya o yo ba”.

Karolo e kgolo ya boruti ba Jesu bo ne bo sa hokelwa kerekeng/tempeleng mme bo ne bo sa etsahale tempeleng kapa disinagogeng:
1 – O ile mema barutuwa ba Hae – e seng tempeleng kapa ho tloha hara ditsebe tsa teologi (thutamodimo) le baetapele ba bodumedi, empa moo sebakeng sa mosebetsi – nakong eo ba neng ba tshwasa ditlhaphi mme ba bokella makgetho. – (Mateu 4:19, Luka 5:27+28)
2 – Thuto ya Hae e kgolo ka ho fetisa ka Mmuso (ke Thero ya thabeng) e neng e nehelwa mathuleng a thaba. (Mateu. 5-7)
3 – Bongata ba mehlolo ya hae e etsahetse matlong a batho esita le tseleng.
4 – O etetse dibaka moo ho neng ho ha le mahlomola le bohloko bo bongata – Bethesda. (JOHANE 5:1-8)
5 – O ile a inama a aka bana bao ba banyane diterateng tsa Jerusalema. (Mateu. 19:13-15)
6 – O ne a le mosa ho baetsadibe empa a le bohale baikaketsi ba bodumedi. (Mateu. 23:1-39)
7 – O ne sa tswafe ho ya meketeng – Kana. (JOHANE 2:1-12)
8 – O bile a iteanya le ba bang mosebetsing – (Luka 5:1-6)
9 – O ile a etsa mosebetsi wa boromuwa le ka nqane ho meedi mme a iteta sefuba ho ya dinaheng tsa baditjhaba ba dumelang haholo ho tsa boloi, moo lehlanya le nang le bademona le ne le busa batho mme batho ba kopa hore a tsamaye. (Mareka 5:1-20)
10 – O ile a ama batho baneng ba nenwa ho ka anngwa (balepera) mme a rata ba hlouweng (ba bokelli ba lekgetho – Luka 5:12+13)
11 – O ne a sa tsotelle meedi ya setso, ya bong le ya botjhaba (Mosadi wa Mosamaria sedibeng – JOHANE 4:1-10)
12 – O ne a na le kahisano le baetsadibe –a bitswa “motswalle wa baetsadibe le babokelli ba lekgetho, dinwi tsa jwalo le ba meharo.” (Mateu. 11:19) Bana ke mofuta wa batho bao a neng a tswakana le bona.

Mokgwa wa kgohelano o sebetsa hantle ka ho amohelehileng moo tlwaelo ka bophara e sekametse ho tsa bodumedi – jwalo ka dikarolong tse ngata tsa Afrika. Moetlo wa Bophirima leha ho le jwalo ke wa kamora Bokreste mme mokgwa wa kgohelo boholo o lahlile piletso le katleho ya wona. Ho na le karohano/lefaru e holang pakeng tsa “kereke” le “lefatshe.” Ho Kreste Modimo (Lentswe) “le bile nama”. Re ho bitsa “ho inkela nama”. Ho ba “wa boromuwa” ho bolela hore Bakreste (kereke) ka maikutlo a latilweng e tla ba Kreste “ya inketseng nama” baahing ba rona. (Hona hape ho ka sebetsa jwalo ka tlhaloso e nngwe ya modumedi wa boromuwa.)

3. Boromuwa ba Kereke bo mabapi le ho ba le seabo ka sebele ho Missio Dei, kapa boromuwa ba Modimo. Ka makgetlo a mangata re nahana ka phoso hore mosebetsi o matla wa Modimo o kerekeng, ho ena le ho hlokomela hore mosebetsi o matla wa Modimo o lefatsheng, mme kereke ke sesebediswa sa Modimo se rometsweng lefatsheng ho ba le seabo ho boromuwa ba hae ba pholoso. Ho ya ka motheo ho na le mefuta e meraro ya dikereke kajeno: 1 – Dikereke tse se nang thahasello kapa kameho ya ho kgutlisa ba lahlehileng; 2 – Dikereke tse nang le tlhophiso ya boromuwa; 3 – Dikereke tsa boromuwa. Phapang ena e matla e hlalosa phapang pakeng tsa kereke e nang le lenaneo la boromuwa le kereke ya boromuwa. Kereke e nang le lenaneo la boromuwa hangata e bona diketso tsa boromuwa jwalo ka mosebetsi o kgemang le mananeo a mang a kereke ka ho lekanang ka bohlokwa. Kereke ya boromuwa, ka lehlakoreng le leng, e tsepamisitse ditshebetso tsohle tsa seabo ho ajenda ya Modimo ya lefatshe. Yohle mesebetsi ya kereke e tlameha ho kopanngwa le ho hlophiswa boitshetlehong le missio Dei. Ha kereke e bapiswa le lebidi, boromuwa ha se sepouku sa lebidi – ke karolo e mahareng, ke motsollope wa lebidi. Ntho e nngwe le e nngwe e tshwanela ho hokelwa ho lona.

Ke Missio Dei/boromuwa ba Modimo bo memang boteng ba kereke. Ka mantswe a mang, re ka se hlole re bona kereke jwalo ka ntlha ya qaleho ha re nahana mabapi le boromuwa. Bakeng sa hoo, kereke e tlameha ho bonwa jwalo ka sephetho sa boromuwa ba Modimo. Ka mantswe a setsebi sa Afrika Borwa sa boromuwa David Bosch: “Ha se kereke e thehang boromuwa; ke missio Dei e thehang kereke.” Kapa ha e behwa ka mokgwa o mong o fapaneng; “ha se hakalo hore Modimo o na le boromuwa bakeng sa kereke ya hae lefatsheng, empa hore Modimo o na le kereke bakeng sa boromuwa ba hae lefatsheng.” (Christopher Wright)

 BOROMUWA

Buleng (Values)

1. Toka. Toka e mabapi le ho ba makgonthe le nnete. E mabapi le bowohle ba boitshwaro. Jwalo ka moetapele wa moya nna le wena re tshwanela pele re bontshe toka. Re ka se e rute ha re sa e phele. Boruti ba rona bo lokela ho e bontsha. Re tlameha “ho tsamaya puoo”. Modimo a ka etsa tse ngata bakeng motho ya se nang kgalalelo – empa bakeng sa moikaketsi Ha a etse letho. Ditshebetso tsa rona di tlameha ho ba tsa sebele. Maphelo a rona a tlameha e be a sebele. Badumedi ba ka hloleha ka mekgwa e mengata, empa ha toka e sekisetswa, ha ho letho le ka e lokisang.

2. Dikamano. Ntho e hoketsweng ka matla ho toka ke dikamano – dikamano tse tebileng tsa sebele. Re tswile ho nako e fetileng ya kgethollo ka botjhaba mme, ho ya ka dikgatello tsa botjhaba tse hlahang hape naheng ya rona, ho a hlokeha hore re matlafatse mme re hodise kopano ya rona eo re e fuweng ke Modimo. Dikamano tsa rona le ditho tsa lelapa, le basebetsi-mmoho le ditho tsa kereke di bohlokwa ka ho fetisisa. Ha ho kgonahale ho aha kereke e phelang ntle le dikamano tse tebileng. Ka kopo supisa hona o ho rute batho ba hao.

3. Boikarabelo. Ke na le bonnete ba hore o ka rata ho bona boleng bona ho ditho tsa hao. Empa hape, bo qala ka baetapele ba rona. Ha re batho ba ikemetseng ba se nang boikarabelo pakeng tsa rona. Jwalo ka badumedi pele re na le boikarabelo ho Modimo, empa nnete ke hore Bibele le yona e hlalosa boikarabelo ba rona pakeng tsa rona. Nakong eo boinotshi bo nkelwang hodimo, kerekeng boikarabelo ha bo buellwe. Ho iphapanya hona, ho lebisa phedisong ya bowena. Re tlameha ho utlwisisa taolo ka nepo. Modimo o behile diahelo tsa taolo ho lenyalo, lelapa, kereke le mmuso. Motho e mong le e mong o tlamehwa ho behwa taolong ke motho e mong sebakeng se itseng. Hape, o ka se be le taolo ha o se tlasa taolo.

4. Phethahalo. Na re dumela hore ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang re tlameha ho e etsa jwala ka ha re etsetsa Morena? Na bophelo ba rona ba boinotshi le boruting ba rona di paka hona? Jwalo ka baetapele re na le boikarabelo bo feletseng bakeng sa botlehadi kerekeng le ditshebetsong tsa rona. Ke bokgabane boo re hlokang ho bo ruta le ho bo supisa batho ba rona. Bofutsana ha se boitshireletso ba boosiyo ba phethahalo. Phethahalo e tlameha ho ba boikemisetso ba rona le kemo. Ho ba mahareng ha ho a lekana ka ho kgodisang.

 BOLENG