Boromuwa (Missional)

KE ENG BOROMUWA?

Jwalo ka molatedi wa Kreste, Mo bontshe hohle!
Setho se seng le se seng sa AFM se a mengwa ho ba paki ya Kreste!

Ditlhaloso tse tshwanang:
▪ “E ba” kereke le ka nqane ho “moaho wa kereke”.
▪ Ditho di mengwa ho ba dipaki tsa Kreste.
▪ Ditho di mengwa ho emela Kreste ka mafolofolo metseng ya tsona.
▪ Ditho di lemoha ka botlalo hore ke baetsetsi ba Mmuso.

Tlhaloso:
“Kereke ya boromuwa ke kereke moo ditho tsohle di nahanang hore ke ditho tse sebetsang tsa mmele wa Kreste, tse menngweng mme tse rometsweng ke Modimo ho ba lesedi le letswai hohle moo di fihlang teng.”

Mangolo a Bohlokwa:
▪ Mateu 28:19
▪ Mareka 16:15
▪ JOHANE 20:21
▪ Diketso 1:8

Lereo YA BOROMUWA ke lentswe a new word but ho bohlokwa ho utlwisisa moelelo wa nnete jwaloka ha hona e se feela e nngwe ya ditjhadimo tsa moralo tsa AFM, ke motheo oo moralo wa rona wa tjhadimo o ahilweng ho wona. Ke lebaka la boteng ba rona, ke DNA ya kereke ya rona le sepheo sa rona sa phetho ya pholoho. Ebile e ile ya setwa/falwa lebitsong la rona.

Re hloka ho etsa tshibollo-botjha le nyalanyo-botjha ho Khomishene e Kgolo ya Morena wa Rona Jesu Kreste: Mt 28:19: “Tsamayang le ye lefatsheng lohle mme le phatlalatse evangedi ho tlhaho yohle ” Luka-Diketso 1:8:”Empa le tla fumana matla ha Moya o Halalelang ho fihlile hodima long, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema le hohle Judea le Samaria, le ho isa mafelong a lefatshe.” JOHANE 20:21: “Jwalo kaha ntate a nthomile, kahoo le nna ke a le roma.” Diketso 1:8: “Empa le tla fumana matla ha Moya o Halaleng o theohetse ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema le hohle Judea le Samaria, le ho isa mafelong a lefatshe.”

Ho ba kereke ya boromuwa, dinnete tse tharo di hloka ho tiiswa:

1 Modimo ka nnete ke Moromuwa e Moholo. Ke “Moromi” wa pela mme hape “ke Moronngwa wa Pele ” – “Hobane Modimo o ratile lefatsho ho a bileng, a Nehela…” (Johane 3:16) Lereo la thutamodimo ke: Missio Dei – Boromuwa ba Modimo. Ena ke kakaretso le paloyohle ya mosebetsi wa pholoso wa Modimo. Ntate o rometse Mora wa Hae; Ntate le Mora ba rometse Moya o Halalelang; Ntate, Mora le Moya o Halalelang ba rometse kereke. Evangeding ya Johane feela, makgetlo a batlang a le mashome a mane re bala mabapi le ho ronngwa ha Jesu. Ho Johane 20:21 Jesu o ipona e se feela ya ronngweng empa hape jwalo ka moromi: “Jwalo ka ha Ntate a thomile, ke roma wena”. Ho bohlokwa hore rona, kereke, re tshwanela ho ipona – ka bonngwe le ka kopanelo – jwalo ka ba ronngweng ke Modimo wa Boromuwa. Ho bohlokwa ho hlokomela hore Khomishene e Kgolo ya Jesu e ne e sa nehwa ba mmalwa ba kgethilweng, ho komiti ka;a ba itseng ba “nahanang ka boromuwa” batho ba kerekeng, empa ho sehlopha sohle sa badumedi – ha ho modumedi ya qheletsweng ka thoko!

2 – Kereke ya Boromuwa kgahlanong le kereke ya “kgohelo”. (Mmatli wa Kameho) Tshebeletso ya kereke ha e a lebellwa ho ba ntlha e matla ya kgokahano le bao ba kantle ho kereke – haholoholo maemong a ka morao ho Bokreste – jwalo ka maemong a pele ho Bokreste. Kgabareng ha ho letho le phoso ka ho hohela batho kerekeng, boromuwa ba kereke bo itshetlehile haholo mabapi le ho romela batho ba kerekeng hara batho ba lefatshe, ho ena le ho fumana batho ba lefatshe hara batho ba kereke. Phephetso ya yona e matla ha se ho fumana batho ba eketsehileng kerekeng (moahong), empa ho fumana kereke e ketsehileng hara batho ba lefatshe. Sebaka sa mmaraka ho ena le tshebeletso ya kereke se ba ntlha ya bohlokwa ya ho iteanya le basa fumanang pholoso. Katamelo ya rona ya “tlo o tlo bona” e tlameha ho fetoha ho ba “tsamaya o yo ba”.

Karolo e kgolo ya boruti ba Jesu bo ne bo sa hokelwa kerekeng/tempeleng mme bo ne bo sa etsahale tempeleng kapa disinagogeng:
1 – O ile mema barutuwa ba Hae – e seng tempeleng kapa ho tloha hara ditsebe tsa teologi (thutamodimo) le baetapele ba bodumedi, empa moo sebakeng sa mosebetsi – nakong eo ba neng ba tshwasa ditlhaphi mme ba bokella makgetho. – (Mateu 4:19, Luka 5:27+28)
2 – Thuto ya Hae e kgolo ka ho fetisa ka Mmuso (ke Thero ya thabeng) e neng e nehelwa mathuleng a thaba. (Mateu. 5-7)
3 – Bongata ba mehlolo ya hae e etsahetse matlong a batho esita le tseleng.
4 – O etetse dibaka moo ho neng ho ha le mahlomola le bohloko bo bongata – Bethesda. (JOHANE 5:1-8)
5 – O ile a inama a aka bana bao ba banyane diterateng tsa Jerusalema. (Mateu. 19:13-15)
6 – O ne a le mosa ho baetsadibe empa a le bohale baikaketsi ba bodumedi. (Mateu. 23:1-39)
7 – O ne sa tswafe ho ya meketeng – Kana. (JOHANE 2:1-12)
8 – O bile a iteanya le ba bang mosebetsing – (Luka 5:1-6)
9 – O ile a etsa mosebetsi wa boromuwa le ka nqane ho meedi mme a iteta sefuba ho ya dinaheng tsa baditjhaba ba dumelang haholo ho tsa boloi, moo lehlanya le nang le bademona le ne le busa batho mme batho ba kopa hore a tsamaye. (Mareka 5:1-20)
10 – O ile a ama batho baneng ba nenwa ho ka anngwa (balepera) mme a rata ba hlouweng (ba bokelli ba lekgetho – Luka 5:12+13)
11 – O ne a sa tsotelle meedi ya setso, ya bong le ya botjhaba (Mosadi wa Mosamaria sedibeng – JOHANE 4:1-10)
12 – O ne a na le kahisano le baetsadibe –a bitswa “motswalle wa baetsadibe le babokelli ba lekgetho, dinwi tsa jwalo le ba meharo.” (Mateu. 11:19) Bana ke mofuta wa batho bao a neng a tswakana le bona.

Mokgwa wa kgohelano o sebetsa hantle ka ho amohelehileng moo tlwaelo ka bophara e sekametse ho tsa bodumedi – jwalo ka dikarolong tse ngata tsa Afrika. Moetlo wa Bophirima leha ho le jwalo ke wa kamora Bokreste mme mokgwa wa kgohelo boholo o lahlile piletso le katleho ya wona. Ho na le karohano/lefaru e holang pakeng tsa “kereke” le “lefatshe.” Ho Kreste Modimo (Lentswe) “le bile nama”. Re ho bitsa “ho inkela nama”. Ho ba “wa boromuwa” ho bolela hore Bakreste (kereke) ka maikutlo a latilweng e tla ba Kreste “ya inketseng nama” baahing ba rona. (Hona hape ho ka sebetsa jwalo ka tlhaloso e nngwe ya modumedi wa boromuwa.)

3. Boromuwa ba Kereke bo mabapi le ho ba le seabo ka sebele ho Missio Dei, kapa boromuwa ba Modimo. Ka makgetlo a mangata re nahana ka phoso hore mosebetsi o matla wa Modimo o kerekeng, ho ena le ho hlokomela hore mosebetsi o matla wa Modimo o lefatsheng, mme kereke ke sesebediswa sa Modimo se rometsweng lefatsheng ho ba le seabo ho boromuwa ba hae ba pholoso. Ho ya ka motheo ho na le mefuta e meraro ya dikereke kajeno: 1 – Dikereke tse se nang thahasello kapa kameho ya ho kgutlisa ba lahlehileng; 2 – Dikereke tse nang le tlhophiso ya boromuwa; 3 – Dikereke tsa boromuwa. Phapang ena e matla e hlalosa phapang pakeng tsa kereke e nang le lenaneo la boromuwa le kereke ya boromuwa. Kereke e nang le lenaneo la boromuwa hangata e bona diketso tsa boromuwa jwalo ka mosebetsi o kgemang le mananeo a mang a kereke ka ho lekanang ka bohlokwa. Kereke ya boromuwa, ka lehlakoreng le leng, e tsepamisitse ditshebetso tsohle tsa seabo ho ajenda ya Modimo ya lefatshe. Yohle mesebetsi ya kereke e tlameha ho kopanngwa le ho hlophiswa boitshetlehong le missio Dei. Ha kereke e bapiswa le lebidi, boromuwa ha se sepouku sa lebidi – ke karolo e mahareng, ke motsollope wa lebidi. Ntho e nngwe le e nngwe e tshwanela ho hokelwa ho lona.

Ke Missio Dei/boromuwa ba Modimo bo memang boteng ba kereke. Ka mantswe a mang, re ka se hlole re bona kereke jwalo ka ntlha ya qaleho ha re nahana mabapi le boromuwa. Bakeng sa hoo, kereke e tlameha ho bonwa jwalo ka sephetho sa boromuwa ba Modimo. Ka mantswe a setsebi sa Afrika Borwa sa boromuwa David Bosch: “Ha se kereke e thehang boromuwa; ke missio Dei e thehang kereke.” Kapa ha e behwa ka mokgwa o mong o fapaneng; “ha se hakalo hore Modimo o na le boromuwa bakeng sa kereke ya hae lefatsheng, empa hore Modimo o na le kereke bakeng sa boromuwa ba hae lefatsheng.” (Christopher Wright)

 BOROMUWA